Latest News
Bomme ba dihwai ba phephetsa mmuso ho fetola boitlamo ba bona diketso
Ka Agnes Mokhele
Dihwai tsa basadi ho potoloha le tikoloho ya Mangaung di kopile hore di fumantshwe menyetla e betere ya ho fumana lefatshe, ditjhelete, meralo ya motheo, mebaraka le ditshebeletso tsa tshehetso ya temo; ba re dintho tsena di ntse di tswela
pele ho ba ditshitiso tse kgolo kgolong ya dikgwebo tsa temo tseo e leng tsa basadi.
Ditaba tsena di hlahile nakong ya Imbizo ya Setereke ya basadi ba temo, e neng etshwaretswe Simon Sefuthi Hall, Botshabelo, ke Lefapha la Temo, Ntshetsopele ya Mahaeng le Tikoloho la Freistata ( Free State Department of Agriculture, Rural
Development and Environmetal Affairs), ka la 15 Lwetse 2026.
Kopano ena e kopantse basadi ba sebetsang temong ya dijalo le diphoofolo, temo ya dirapa, tlhahiso ya boya le mesebetsi emeng ya temo. Ba ile ba arolelana diphihlelo tsa bona le ho buisana le mmuso le bankakarolo ba bang ka mathata ao basadi ba tobanang
le ona lefapheng la temo. Mathata a hlahisitsweng a kenyelletsa ho haella ha mobu oloketseng temo, meaho ya temo, dimmaraka le ditjhelete, hammoho le bosholu ba diphoofolo le maemo a lehodimo a sa tsitsang.
Sehwai Mponeng Lentoro o itse basebeletsi ba katoloso ya temo le ditsebi tsa moruo wa temo ba lokela ho qeta nako e ngata mapolasing ho thusa dihwai ho etsa diqeto tse nepahetseng. “di-economist tsa rona di hokae? Ba lokela ho tla mapolasing a rona ba re
eletse.”
Ho sehwai sa diphoofolo, Mme Nomzwakhe Moss, boshodu ba diphoofolo ke phepetso e kgolo ho basadi ba lekang ho aha dikgwebo tsa temo tse tshwarellang. “Engwe ya diqholotso tseo re tobanang le tsona re le dihwai tsa basadi ke taba ya boshodu ba diphoofolo. Re a dumela ebile re a bona hore basadi ba bangata ba tobana le boshodu ba diphoofolo ho feta dihwai tsa banna.”
Mme Moss o kopile tshireletso le tshehetso e matla bakeng sa dihwai tsa basadi tse ruileng diphoofolo, a re tahlehelo ya diphoofolo e ka kgutlisetsa dihwai tse nyenyane morao haholo.
Mathata ha a felle feela ho dihwai tsa diphoofolo. Dihwai tsa dijalo le tsona di hlahisitse bothata ba ho fumana lefatshe la temo le lekaneng le dimmaraka tse tshapahalang.
Lindiwe Ludada wa Modulaqhowa Primary Cooperative e Botshabelo o itse setsi sa bona sa dimela se hlahisa difate tsa moriti, difate tsa ditholoana, dipalesa tsa ka tlung le kantle, succulent le dipeo tsa meroho. O itse kopano eo e file basadi monyetla wa ho ithuta ho ba bang le ho utlwisisa hore dikgwebo tsa temo di hloka mamello le boitelo.
O boetse a re ho kopana le dihwai tse ding tsa basadi ho bohlokwa kaha dihwai di tobana le mathata a fapaneng, ho kenyeletswa maemo a lehodimo a sa lebellwang a ka amang boleng ba dijalo le kotulo.
Mmuso o tiisa boitlamo ba oona mabapi le ditjhelete
Ha a bua le basadi, MEC ya Temo ya Freistata, Mme Elzabe Rockman, o amohetse hore mathata a mangata a hlahisitsweng ke dihwai a dula a hlaha dibakeng tse fapaneng. Mme Rockman o itse mmuso o matlafatsa boiteko ba ho netefatsa hore ditjhelete tsa
temo di fihla ho dihlopha tse reretsweng ho di fumana.
O buile ka Comprehensive Agricultural Support Programme (CASP) mme a re lefapha le ikemiseditse ho netefatsa hore dipehelo tsa ditjhelete bakeng sa basadi le batjha di a phethahatswa.Ho latela Rockman, lefapha le sebetsa ho netefatsa hore bonyane 50% ya ditjhelete tsa CASP e ya ho basadi mme 40% e ya ho batjha, le ha amohela hore sepheo sa dihwai tse phelang le boqhwala se ntse se le thata ho fihlelwa. O boetse a totobatsa bohlokwa ba matlafatso ya basadi moruong, a re basadi ba ntse ba jere boikarabelo bo boholo ba malapa le setjhaba.
Kopano ena e boetse e bile le ditlhahiso tse tswang ho bankakarolo ba fapaneng, ho kenyeletswa Commission for Gender Equality, Industrial Development Corporation le Mangaung Metro Municipality.
Ho nka karolo ha basadi ba tswang makaleng a fapaneng a temo ho ba file monyetla wa ho bontsha dihlahiswa tsa bona, ho arolelana diphihlelo le ho batla menyetla ya tshebedisano.
Ho tloha boitlamong ho ya phethahatsong
Ho dihwai tse ngata tse nyenyane, potso ya bohlokwa ke hore na ho tla etsahala eng kamora dipuisano tsena. Dihwai tsa basadi di ntse di hloka tshehetso e sebetsang e fihlang mapolasing, metebong, ho kenyeletswa phihlello ya mobu, meaho ya temo, dikeletso tsa temo, ditjhelete, dimmaraka le tshireletso kgahlanong le boshodu ba diphoofolo. Imbizo e file basadi monyetla wa ho hlahisa mathata ana ka kotloloho ho mmuso. Phephetso e teng hona jwale ke ho netefatsa hore boitlamo bo entsweng kopanong bo fetoha tshehetso e bonahalang ho dihwai tsa basadi ho phatlalla le Freistata.
Ha profinse e ntse e tswela pele ka boiteko ba ho fetola lefapha la temo, dihwai tsa basadi di re ha di batle feela ho botswa maikutlo mabapi le bokamoso ba temo empa di batla disebediswa le menyetla e tla di thusa ho nka karolo ka botlalo le ho hodisa
mesebetsi ya tsona ya temo.