Latest News
Baahi ba emisa Mangaung ka boipelaetso kgahlanong le ho putlama ha ditshebeletso
Ho tloha ka la 25 Motsheanong 2026 ho isa ka la 02 Phuptjane 2026, ho se kgotsofale ho hoholo ka ho putlama ha ditshebeletso tsa mantlha ho ile ha baka hore dikarolo tsa Botshabelo le Bloemfontein di eme tsi!
Baahi ba ile ba nka karolo boipelaetsong ka ho kwala mesebetsi (shutdown) ba batla hore Mmasepala wa Mangaung le mmuso wa profinse ba kenelle ka potlako.
Baahi ba ile ba supa kgaello e sa feleng ya metsi, ho kgaoha ha motlakase kgafetsa, ditsela tse senyehileng, dikgwerekgwere tse sa sebetseng hantle, tlhokeho ya mesebetsi le ho putlama ha meaho ya mmasepala e le mathata a maholo a amang maphelo a bona letsatsi le letsatsi.
Boipelaetso bona bo ne bo etelletswe pele ke “Mangaung Service Delivery Forum” tlasa boetapele ba Monghali Potso Motoko. Bo ile ba bontsha kgalefo e ntseng e eketseha hara baahi ba qetileng dilemo ba utlwa bohloko ka lebaka la puso e fokolang le ho haella ha boikarabello. Baipelaetsi ba ile ba kopa mehato e potlakileng ya ho tsosolosa litshebeletso tsa mantlha le ho ntlafatsa maemo a bophelo ba sechaba sa Mangaung.
Ka la 04 Phuptjane 2026, kamora boipelaetso bona, Komiti e ikgethileng ya ditletlebo (Ad Hoc Committee on Petitions) ya Lekgotla la ketsamolao la Foreisetata, e etelletsweng pele ke Modulasetulo, Mohlomphehi JM Mokoena, e ile ya kopana le letona la Tshebedisano ya puso le ditaba tsa marena (COGTA), Mohlomphehi Toto Makume, ho buisana ka semmuso ka petishene (petition) e rometsweng ke “Mangaung Service Delivery Forum”. Kopano ena e neng e tshwaretswe Southern Life Plaza, Bloemfontein, e bile mohato wa bohlokwa ho rarolla ditletlebo tsa kgale tsa tlhahiso ya ditshebeletso.
Petishene (petition) ena e hlahisitse mathata a mangata a hlokang tshebedisanomoho dipakeng tsa mekgatlo e fapaneng ya mmuso, ho kenyeletsa Mmasepala wa Mangaung, Sepolesa (SAPS), Lefapha la COGTA, Lefapha la Mesebetsi ya setjhaba le meralo, Lefapha la matlo a batho, Lefapha la bophelo, Lefapha la Polokeho ya setjhaba, ditsela le dipalangwang, Lefapha la ntshetsopele ya moruo, dikhwebo tse nyenyane, bohahlauli le tikoloho (DESTEA), hammoho le Vaal Central Water.
Modulasetulo wa Komiti, Mohlomphehi JM Mokoena, o hatelletse hore dipetishene ke sesebediswa sa bohlokwa sa demokrasi se thusang baahi ho beha mmuso boikarabellong. O kgothaleditse mafapha a fapaneng hore a sebetse mmoho ho rarolla mathata ana. Ka lehlakoreng la hae, Mohlomphehi Toto Makume o tiisitse boitlamo ba mmuso wa profinse ba ho matlafatsa ditsi tsa mmuso, ho potlakisa tlhahiso ya ditshebeletso le ho sebetsana le mathata a meaho le phepelo ya metsi Mangaung.
Komiti e boetse e ikemiseditse ho theha moralo wa ho lekola le ho sala morao ditshepiso le merero ya tshebetso e tla etswa ke mafapha a amehang, e le ho netefatsa hore boitlamo bo etswa ka sebele.
Boipelaetso bona le dikopano tse ileng tsa latela, di bontsha hore sechaba ha se sa ikemisetsa ho amohela ho putlama ha ditshebeletso tsa mantlha. Batho ba se nang masimo le setjhaba sa basebetsi, ba ntse ba jara morwalo wa ho se lekane le bofuma, mme ntwa ya seriti, boikarabello le phihlello e lekanang ya disebediswa e ntse e le karolo ya bohlokwa ya ntwa e pharaletseng ya toka ya setjhaba.